Ka ho ya ka Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996 (Molao wa No. 108 wa 1996), motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fumana thuso ya tshireletso ya bophelo ha a sa kgone ho iphepa.
Thuso ena ke tjhelete eo ho fanwang ka yona ho tswa ho Mmuso e nehwa batho ba sa kgoneng ho iphumanela. Yona e nehwa batho ba fumanehileng hore ba tle ba kgone ho ithekela dintho tseo ba di hlokang bophelong ekasitana le ho kgona ho tswela pele ho iphedisa. Dithuso tsena ho fanwa ka tsona ka sepheo sa ho tshehetsa maikemisetso a Lefapha a ho fana ka matla bathong ba futsanehileng le ho tlisa bophelo bo ntlafetseng bakeng sa bohle ba hlokang.
Ha o etsa kopo ya thuso ya thekolohelo, ho lekolwa matlotlo ao mokopi le a mohatsa hae kapa a batho ba amehang ho bona hore na motho eo o a tshwaneleha ho fumana thuso ya mmuso. Hona ho bitswa ?means test? (tekolo ya tseo o nang le tsona). Tshebetso ya ho amohela thuso ha ya lokela ho ba ka hodimo ho matsatsi a mabedi ho tloha letsatsing leo kopo e entsweng ka lona.
Ho na le mefuta e meraro ya dithuso:
A. Thuso ya kgodiso ya ngwana
B. Thuso ya sapoto ya ngwana
C. Thuso ya ngwana ya hlokang tlhokomelo
Ela hloko: Dithuso di leshwa baamohedi ba tsona ka kgwedi le kgwedi
A. THUSO YA KGODISO YA NGWANA
Tjhelete ya kgodiso ya ngwana e nehwa batswadi ba hodisang ngwana bakeng sa ngwana ya behilweng tlasa tlhokomelo ya bona ka ho ya ka Molao wa Tlhokomelo ya Bana, 1983 (Molao wa No. 74 wa 1983).
Tse hlokehang:
mokopi/ngwana o tshwanetse hore be e le moahi wa Afrika Borwa ka nako eo a etsang kopo.
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mokopi.
Ngwana ya tlilo hodiswa o lokelwa ho dumellana le tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R12 720 ka selemo.
MOO O KA ETSA KOPO YA THUSO
Kopo e ka etswa Diofising tsa Thekolohelo tse haufi le moo mokopi a dulang.
Ha bakopi e se e le batho ba seng ba tsofetse haholo kapa ba kula haholo hore ba ka ya ofising ho ya etsa kopo ya thuso, setho sa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo eo lebitsong la bona.
Foromo ya kopo e tla tlatswa ka pela moofisiri wa Lefapha.
Ha foromo ya kopo e se e tlatsitswe, mokopi o tla nehwa rasiti.
O tshwanela ho boloka rasiti eo hantle ? yona e sebetsa jwalo ka bopaki ba kopo.
Ha ho na tjhelete e leshwang ha o etsa kopo.
Ha kopo e sa ananelwa ke ba Ofisi ya Thekolohelo, mokopi o lokelwa ho bolellwa ka ho ngollwa hore ke ka baka lang kopo ya hae e hannweng.
Mokopi o na le tokelo ya ho etsa boipiletso ka ho ngolla Letona la Thekolohelo le provenseng ya hae, a hlalose hore ke ka baka lang a sa dumellaneng le qeto e entswe. Boipiletso bona bo lokelwa ho etswa matsatsing a 90 ka mora ho tsebiswa ka sephetho sa kopo.
MOHLA WA HO FUWA DITHUSO
Ha thuso e se e tjhaetswe monwana, mokopi o tla leshwa ho tloha letsatsing leo kopo e kentsweng ka lona.
HA KOPO YA THUSO E KA HANWA
Mokopi o lokelwa ho tsebiswa ka ho ngollwa a bolellwa mabaka a ho hanelwa ha thuso, ekasitana le ka tokelo ya hae ya ho etsa boipiletso matsatsing a 90 a tsebisitswe ka hoo.
MEKGWA YA TEFELLO
Thuso e ka leshwa ka mekgwa ena e latelang:
Tefello ya kontane
Tjhelete e kengweng bankeng ya posong
Ela hloko: Ha mokopi a hloleha ho ya lata tjhelete ya thuso, yena a ka kopa motho e mong ya tla mo latela yona nako le nako, mme yena o bitswa procurator.
HO EMISWA HA DITHUSO
Hona ho latelang ho ka baka hore thuso e emiswe:
Ho hloleha ho ba le tshebedisano ka nako eo ho lekolwang botjha thuso
HO BOELA HO FANWA HAPE KA DITHUSO
Kopo ya hore ho boele ho fanwe hape ka thuso e lokelwa ho romelwa matsatsing a 90 a ho emiswa ha yona.
MABAKA A KA SEHLOOHONG A HO FIHLA BOFELONG HA DITHUSO
Ho hlokahala
Nako ya kgolofalo ya nakwana e se e fedile
Mokopi a se teng ka hara Rephaboliki bakeng sa nako e ka etsang dikgwedi tse tsheletseng kapa ka hodimo.
TEKOLOBOTJHA
Mokopi o lokela ho phatlalatsa kuno efe kapa efe ya hae ka nako eo a etsang kopo. Hona ho tla bopa motheo oo ho ona Lefapha le tla etsa qeto ya hore thuso e lekolwe botjha na. Mokopi o tla tsebiswa dikgweding tse tharo pele ka mohla wa tekolo botjha kapa mohla oo ka ona setifikeiti sa hore o ntse a phela se lokelwang ho romelwa ka ona.
B. THUSO YA SAPOTO YA NGWANA
Thuso ena e fuwa bana ba ka tlase ho dilemo tse leshome le motso o le mong, a ba leng tlhokomelong ya mohlokomedi ya ka sehloohong (primary care-giver), mme atoloswa dilemong tse tharo tse tlang hore e qetelle e kenyelletsa le bana ba ka tlase ho dilemo tse 14, ke hore:
/2005 ? ka tlasa dilemo tse 11
/2006 ? ka tlasa dilemo tse 14
Thuso ya sapoto ya ngwana e leshwa mohlokomedi ya ka sehloohong bakeng sa ngwana ya dilemo tse ka tlase ho tse 11. Mohlokomedi e ka ba motho ofe kapa ofe ya nkang boikarabelo ba bohlokwa bakeng sa ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi tsa ngwana, mme eo e ka nna ba ke wa leloko kapa ha a amane ka letho le ngwana.
Tse hlokehang:
Mokopi le mohatsa ba lokela ho fihlela ditlhoko tsa tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R9 600 ka selemo dibakeng tsa ditoropong mme ke R13 200 dibakeng tsa mahaeng.
Ngwana mmoho le mohlokomedi ba lokela ho ba baahi ba naha ya Afrika Borwa mme hape be ba dula Afrika Borwa.
Mokopi o lokela ho ba mohlokomedi ya ka sehloohong wa ngwana ya amehang.
Ngwana o lokela ho dilemo tse ka tlase ho tse 11 boholo.
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mohlokomedi mmoho le setifikeiti sa tswalo se nang le dinomoro tse 13 tsa ngwana.
Mohlokomedi a ke ke a kgona ho etsa kopo bakeng sa bana ba ka hodimo ho ba tsheletseng bao e seng ba hae ka tlhaho.
Ngwana a ke ke a fumana thuso haebe -
mohlokomedi ya ka sehloohong ha se moahi wa naha ya Afrika Borwa;
mohlokomedi ya ka sehloohong a fumana moputso wa ho hlokomela ngwana eo ya amehang;
ha ngwana a le dilemo tse ka hodimo ho tse 11 boholo;
ha mohlokomedi ya ka sehloohong a se a fuwe thuso bakeng sa ngwana;
mokopi e se mohlokomedi ya ka sehloohong; kapa institjhushene e fumana tjhelete ya ho hlokomela ngwana.
C. THUSO YA NGWANA YA HLOKANG TLHOKOMELO
Thuso ena e nehwa batswadi, batswadi ba hodisang ngwana, bahlokomedi kapa balebedi ba ngwana ya dilemo tse pakeng tsa 1 le 18, eo ka baka la kgolofalo e mpe haholo kelellong le/kapa mmeleng, a hlokang tlhokomelo ka dinako tsohle.
Tse hlokehang:
Mokopi o lokela ho ba moahi wa naha ya Afrika Borwa, ntle le batswadi ba hodisang ngwana.
Mokopi le ngwana ba lokela ho ba badudi ba Afrika Borwa.
Ngwana o tshwanetse be a le dilemo tse pakeng tsa onne le 18 boholo.
Ho tshwanetswe hore ho romelwe raporoto ya bongaka ya tekolo e tiisetsang kgolofalo.
Mokopi, mohatsa le ngwana ba lokela ho fihlela ditlhoko tsa tekolo ya tseo o nang le tsona, e leng R48 000 ka selemo bakeng sa motswadi le R17 760 bakeng sa ngwana.
Ngwana ya hlokang tlhokomelo a ka nna a se hlokomelwe saruri institjhusheneng ya mmuso
Ho romelwe tokomane ya Boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13 e nang le metsero ya mokopi mmoho le setifikeiti sa tswalo se nang le dinomoro tse 13 tsa ngwana.
